BASADI METSING, TSAMAISONG YA DIKGWEREKGWERE LE MORUNG
Selelekela
Ka mora selemo sa 1994, Palamente ya rona e na le tekanyetso e kgolohadi ya basadi lefatsheng ? basadi ba matla, ba ikemetseng le ba itetseng. Re amohetse Seboka sa ho Fedisa Kgethollo ya Basadi. Re na le basadi bao e leng Matona, basadi ba etelletseng pele mafapha a matla, basadi bao e leng baetapele kgwebong le indastering, basadi ba etelletseng pele ditjhabana tsa bona. Mme mafapheng a metsi, moru le tsamaiso ya dikgwerekgwere re na le basadi ba bangatangata ba iponahaditseng.
Ho a tshwaneleha ho hlokomela seo basadi ba se etsang , mme ba tswela pele tsamaisong ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le moru Afrika Borwa e le hore Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru, Khomishene ya Phuputso ya Metsi le Institjhute ya Metsi ya Afrika Borwa ka bobedi di ntsheditse pele Basadi Dikgaung tsa Metsi, jwale di se di bitswa Dikgau tsa Basadi Metsing, Tsamaisong ya Dikgwerekgwere le Morung. Boiteko bona bo ikemiseditse ho tlotla le ho keteka mosebetsi o boima wa basadi le ho lekola dintlhakgolo tsena tse latelang:
ho ba le seabo ha basadi ba diprofeshenale le ba sebeletsang setjhaba tsamaisong ya metsi, dikgwerekgwere le moru, le seabo sa bohlokwa seo basadi ba nang le sona mabapi le metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, moru le phediso ya bofuma, thuto le ntshetsopele e sa kgaotseng ditoropong le mahaeng.
Ho thakgolwa ha Dikgau tsa Basadi Metsing ka Tlhakubele 2002, ho ile hwa supa qalo ya tlwaelo ya bohlokwa mokgeng wa metsi le meru mona Afrika Borwa. Selemong sena re tla fana ka dikgau basading ba bileng le seabo sa ho etella pele dihlopheng tse hlano:
Phuputso e Phahameng (bakeng sa motho ya thontsweng ya dilemo tse 35 le ka hodimo);
Phuputso e Nyenyane (bakeng sa motho ya thontsweng dilemo tse ka tlase ho tse 35);
Ntshetsopele ya Baahi;
Thuto le Temoso, le
Tsamaiso le ho Etsa Diqeto.
Ba thontsweng dihlopheng tsena e ka ba motho ikemetseng a le mong kapa sehlopha. Dikgau di tla nehwa basadi ba boemo, basadi ba sebeditseng ka bokgabane bo boholo, mme ba bileng le kabelo e bonahalang mokgeng wa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le merung mona Afrika Borwa.
Batho ba atlehileng ho thongwa ba tla kgethwa ke moifo wa baahlodi mabapi le:
tshebediso ya tsebo, bokgoni, le bokgoni bo boholo ba ho etsa bonnete ba hore tsamaiso ya metsi, dikgwerekgwere le meru mona Afrika Borwa e ba le kabelo kahong ya Afrika Borwa eo e leng ya bohle ka sebele.
O kotjwa hore o tlatse foromo ya kopo mme o hatise ka ho hlaka dintlha tse kopilweng. Diforomo tse thaepuweng le tsa elektroniki le tsona di amohelehile.
Foromo ya ho thonya e lokela ho tsamaya le lengolo le hlahisa mabaka le ngotsweng ka letsoho kapa le thaepuweng, mme lona le be le mantswe a pakeng tsa 500 ? 1 000. Ka ho sebdisa ditsela tse boletsweng mona ka tlase, lengolo la hao le hlahisang mabaka le lokela ho bolela hore ke ka baka lang motho/sehlopha seo se thontsweng se lokela ho fumana kgau.
Lereo lena ?mothonguwa? le bolela motho ya mong kapa sehlopha se thontsweng.
Diforomo tsa ho thonya di lokela ho kenyelletsa dintlha tsa batho ba babedi bao ho ka iteangwang le bona ekasitana le dintlha tsa motho ya thontseng (motho ya hlahisitseng lebitso la mothonguwa).
Bontsha ka ho hlaka mokga (wa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru) oo motho ya thontsweng a nang le seabo ho ona.
DITSELA LE MELAWANA
Hona ho lokelwa ho sebediswa jwalo ka tataiso ya ho thonya mosadi/basadi ba nang le seabo diprojekeng tse tlwaelehileng le tse sa tlwaelehang tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le meru.
DITSELA TSA HO THONYA
DITSELA
Rekoto eo ho nang le bopaki ba yona
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ha jwale ba sebetsa / ba na le seabo mokgeng wa ditaba tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru?
Ke mosebetsi ofe oo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba o entseng ho dife kapa dife tsa mekga ena?
Na mosebetsi / projeke o bontsha jwang boqapi ba yona le ho ba ya mantlha e sa kopitswang ho tse ding?
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba bontshitse jwang mekgwa ya bona ya bokgoni ba tsamaiso kapa boetapele?
Tsamaiso ya Projeke le ho e Kenya Tshebetsong
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba tsamaisitseng projeke ka teng ka ho sebedisa mehlodi ya thuso e jwalo ka tjhelete, batho le nako?
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba sebedisitseng ka teng mehlodi ya thuso bakeng sa ho phetha mosebetsi / projeke?
Kabelo maikutlong a nang le tshepo le boitshwarong bo fetohang
Na mosebetsi / projeke e thusitse ba bang jwang hore ba fetole mehopolo ya bona, maikutlo kapa diketso tsa bona mabapi le metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru?
Kabelo ntshetsopeleng ya diprojeke tse tswellang mmoho le ho di kenya tshebetsong
Na mosebetsi / projeke e bile le seabo jwang kgolong le katlehong ya nako e telele ya diprojeke?
Kabelo seabong sa setjhaba/baahi/bathahaselli/banka-karolo;
Hlalosa ka moo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba ileng ba kenyelletsa setjhaba kapa baahi mosebetsing / projekeng le ka moo mosebetsi / projeke e bileng le sephetho ka teng kapa e ammeng setjhaba ka kakaretso.
Maikemisetso le mamello
Re bolelle ka diphepetso tseo o teaneng le tsona, ha mosebetsi/projeke e ne e qala.
Kabelo tshebetsong tsa ho etsa diqeto
Na motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba kentse letsoho jwang diqetong tse entsweng tse ammeng projeke? Ke diqeto dife tseo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba di entseng jwalo ka sehlopha / motho ya mong tse fetotseng boemo projekeng/mosebetsing?
Boikarabelo
Na motho/batho ba thontsweng ba boloka jwang rekoto ya diketsahalo tsohle tsa mosebetsi / projeke mme na direkoto tsena di a fumaneha hore di lekolwe ha di kotjwa? Na motho/batho ba thontsweng ba tlaleha jwang kgatelopele ya mosebetsi / projeke?
Bokgabane bo nang le tshusumetso
Na motho/batho ba thontsweng ba itshusumetsa kapa ikgothatsa jwang bona ka bo bona kapa batho ba bang hore ba ntlafatse le ho fihlela sepheo le maikemisetso a bona?
MELAWANA
Letsatsi la ho qetela la ho romelwa ha mabitso a thontsweng ke la 30 Mmesa 2006 mme qeto ya baahlodi ke yona ya makgaola kgang.
Ke feela diforomo tsa kopo tse tlatsitsweng ka botlalo tse tla amohelwa, mme di lokela ho kenyelletsa lengolo le hlahisang mabaka le nang le mantswe a 500 ? 1000 mabapi le kabelo kapa seabo sa motho ya thontsweng mokgeng wa metsi, meru kapa tsamaisong ya dikgwerekgwere.
Bafenyi ba dikgau ba tla phatlalatswa Kgweding ya Naha ya Basadi ka 2006.
Diforomo tsa kopo tse tla tliswa ka matsoho, tsa romelwa ka fekse, tsa romelwa ka mokgwa wa elektroniki kapa tsa poswa di tla amohelwa.
Ho ka nna ha kgethwa ho tswa dihlopheng tse fetang se le seng.
Ha o thonya lebitso la hao ka seqo, ho tla nne ho sebetse melawana le mekgwatshebetso e tshwanang.
Dikhopi tsa diforomo tsa kopo di ka fumanwa ho tswa:
Ho Masepala wa sebaka sa heno kapa
O ka iteanya le Mohlanka wa Dikgokahano wa ofisi e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru Lebatoweng.
LEBATOWA
LEBITSO
THELEFOUNU
ATERESE YA POSO
ATERESE YA MOAHO
DINTLHA TSA MOTHO KA SEQO
Aterese ya Seterata
Khoutu
Provinse
Aterese ya Poso
Dintlha tseo ho ka iteangwang le yena kapa bona teng:
Ofisi: ...
Lapeng: ...
Selfounu: ...
Ha e se moahi wa Afrika Borwa, bolela palo ya dilemo tseo a dutseng mona Afrika Borwa ka tsona
Lebitso la mothonyi (motho ya thonyang mothonguwa)
Dinomoro tsa moo ho ka iteanyang le wena:
Ofising: ...
Lapeng: ...
Selfounu: ...
Phuputso e Phahameng (bakeng sa motho ya thontsweng ya dilemo tse 35 le ka hodimo ho moo)
Phuputso e Nyenyane (bakeng sa motho ya thontsweng ya dilemo tse ka tlase ho tse 35)
Ntshetsopele ya Baahi
Thuto le Temoso
Tsamaiso le Ho Etswa ha Leano
Ela hloko: O ka kgetha dihlopha tse fetang se le seng. Mabaka a ngotsweng fatshe a lokela ho hlalosa hantle haholo sehlopha seo o se kgethileng.
SEHLOPHA
Diphuputso tse Phahameng (bakeng sa motho ya thontsweng ya dilemo tse 35 le ka hodimo ho moo)
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse sebetsanang le phuputso/dipatlisiso mekgeng e fapaneng (metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le meru). Motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba lokela ho ba dilemo tse 35 kapa ka hodimo
Diphuputso tse Nyenyane (bakeng sa motho ya thontsweng ya dilemo tse ka tlase ho tse 35)
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse sebetsanang le phuputso/dipatlisiso mekgeng e fapaneng metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru. Motho ya thontsweng has to be dilemo tse ka tlase ho tse 35
Ntshetsopele ya Baahi
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse thusang ho ntshetsapele baahi mekgeng e fapaneng (metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le meru)
Thuto le Temoso
Sehlopha sena se kenyelletsa mosebetsi/projeke/diprojeke tse rutang ebile di lemosa baahi ka ditaba tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere kapa meru.
Taolo le Ho etswa ha Leano
Sehlopha sena se kenyelletsa tsamaiso kapa qeto tse entsweng ke motho ya thontsweng/batho ba thontsweng mosebetsing/projekeng/diprojekeng.
Re kopa hore o re nehe dintlha tsa bao re ka iteanyang le bona bakeng sa direferense tse pedi, e leng ba tsebang hantle haholo mofuta wa mosebetsi/projeke eo motho ya thontsweng/batho ba thontsweng ba o etsang, o nang le kabelo mokgeng wa metsi, tsamaisong ya dikgwerekgwere le morung.
Lebitso le Sefane ...
Ofisi: ...
Lapeng: ... (ka boikgethelo)
Selfounu: ...
Lebitso le Sefane ...
Ofisi: ...
Lapeng: ... (ka boikgethelo)
Selfounu: ...
